Ka letsatsi le hlahlamang leo, setjhaba sa etsetsa Morena mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse sekete, le dipheleu tse sekete, le dikonyana tse sekete, le dinyehelo tsa dino, le mahlabelo a mang a mangata, a etsetswang Baiseraele bohle.
Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.
“ ‘Kapa bakeng sa pheleu o tla nyehela ka nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse pedi; phofo ena e be e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe le halofo.
“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Le hlokomele hore ka dinako tse beilweng le nketsetse nyehelo ya ka ya setjheso sa dijo, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang.’ ”
A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.