ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,
Numere 12:1 - BIBELE Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe. Sesotho 1909/1961 (SO) Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re: |
ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,
Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: ‘O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona.
Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”
Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona.
O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.
A se ke a nyala mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, kapa seraburabu, kapa seotswa, empa a nyale morwetsana wa setjhaba sa habo.
batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;
banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.
Lebitso la mosadi wa Amorame e ne e le Jokobeta, moradi wa Levi, eo mmae a ileng a mo tswalla Levi ha a le Egepeta. A tswalla Amorame Arone le Moshe, le kgaitsedi ya bona Meriama.
Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.