Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:59 - BIBELE

59 Lebitso la mosadi wa Amorame e ne e le Jokobeta, moradi wa Levi, eo mmae a ileng a mo tswalla Levi ha a le Egepeta. A tswalla Amorame Arone le Moshe, le kgaitsedi ya bona Meriama.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

59 Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:59
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.


Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena.


Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa rakgadia hao, hobane yena le ntatao ke bana ba motho.


Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.


Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos