le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo. Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang.
Nehemia 7:70 - BIBELE Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba kenya letsoho mosebetsing ona ka ho fana ka dimpho. Mmusisi wa naha a fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse mashome a mahlano tsa ho sebeletsa, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano le mashome a mararo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa mosebetsi dimpho. Mmusisi yena a ntshetsa bobolokelo sekete sa didarike tsa kgauta, le merifi e mashome a mahlano, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano a mashome a mararo. |
le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo. Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang.
le boima ba kgauta e hlwekisitsweng e tla etsa difereko, le dikotlolwana, le dikomiki, le boima ba kgauta e tla etsa sekotlolo ka seng sa kgauta, le boima ba silefera e tla etsa sekotlolo ka seng sa silefera.
Hurame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu le dikotlolo. Jwale yaba Hurame o qetile mosebetsi wa Tempele ya Modimo, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.
A etsa le ditafole tse leshome, a di bea ka Tempeleng; tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi. A etsa le dikotlolo tse lekgolo tsa kgauta.
Batho ba ileng ba tiisa selekane ka ho ngola mabitso a bona e ne e le mmusisi Nehemia, mora wa Hakaleya, le baprista bana: Sedekiya,
Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.
dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, le ditonki tse dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi.”
Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme tsena tsohle ba di kenya ka letloleng, bakeng sa mosebetsi.
Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.
Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane.
Moshe a nka madi, a a tshela mafiswaneng, a kgamathisa, mme ka karolo ya madi e setseng a foka hodima aletare.
Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.