Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
Nehemia 7:46 - BIBELE “Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote, Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, bana ba Hasufa, bana ba Tabbaothe, |
Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.
Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.
Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu.
“Ba malapa a balebedi ba menyako, e leng ditloholo tsa Shalome, le ditloholo tsa Atere, le tsa Talamone, le tsa Akuba, le tsa Hatita, le tsa Shobai, ba ne ba le lekgolo le mashome a mararo a metso e robedi.