Nehemia 6:7 - BIBELE O so bile o kgethile baporofeta hore ba phatlalatse morero ona wa hao Jerusalema, mme ba re: ‘Kgosi e teng naheng ya Juda.’ Dipolelo tsena di tla fihla tsebeng tsa kgosi; ka baka lena, tloo, re tlo buisana ka taba ena.” Sesotho 1909/1961 (SO) o bile o beile baporofeta ho o bolela Jerusalema, ka ho re: Morena o teng Juda. Mme jwale, taba tseo di tla phetelwa morena; ha ho le jwalo, tloo jwale, mme re rere hammoho. |
Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’
Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’
Lengolong leo ho ne ho ngotswe, ho thwe: “Ho ntse ho bueha hara baditjhaba mona, mme le Gashemu o re ke nnete, hore lona mmoho le Bajuda, le ntse le rera ho fetohela mmuso. Ke ka lebaka lena le tsosang lerako, e le hore wena o tle o be kgosi ya bona, ho latela dipolelo tsena.
Yaba ke mo romela molaetsa o reng: “Dintho tsena tseo o buang ka tsona ha di yo; ke wena ya iqapelang tsona.”
Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”