Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 o bile o beile baporofeta ho o bolela Jerusalema, ka ho re: Morena o teng Juda. Mme jwale, taba tseo di tla phetelwa morena; ha ho le jwalo, tloo jwale, mme re rere hammoho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 O so bile o kgethile baporofeta hore ba phatlalatse morero ona wa hao Jerusalema, mme ba re: ‘Kgosi e teng naheng ya Juda.’ Dipolelo tsena di tla fihla tsebeng tsa kgosi; ka baka lena, tloo, re tlo buisana ka taba ena.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:7
10 Referencias Cruzadas  

Mme jwale, Adonija ke enwa e le morena, athe wena, morena, monga ka, ha o tsebe.


Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!


a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Adonija a rera le Joabe mora Tseruja, le Abiathare moprista, ba tlatsa Adonija, ba mo latela.


leo ho ngodilweng ho lona taba e reng: Ho tumile hara ditjhaba, le yena Gashmu o rialo, hore wena le Bajuda le rerile morero wa ho kweneha; ke kahoo o tsosang lerako; leshano le re, ke wena o tla ba morena wa bona,


Yaba ke romela ho yena, ka re: Ha ho taba e teng ya tseo o di bolelang; o di qapile pelong ya hao.


Jwale he, lona le lekgotla, le tsebise molaodi wa sekete hore a tle a mo romele ho lona hosasane, ho be jwaloka hoja le rata ho botsisisa ditaba tsa hae; haele rona, re tla be re setse re itokiseditse ho mmolaya a eso ho fihle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos