Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
Nehemia 6:3 - BIBELE Ka ba romela maqosa, ka re: “Mosebetsi wa ka o mongata haholo, ka hona ke sitwa ho tla. Ke ka baka lefe ho ka emiswang mosebetsi, ha nna ke o tlohela, ke theohela ho lona moo?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ba romela manqosa, ka re: Ke tshwerwe ke mosebetsi o moholo, ke sitwa ho theoha; nka emisetsang mosebetsi ka ho o tlohela le ka ho theohela ho lona? |
Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
Bo-Sanebalate le Gashemu ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re tlo kopana le wena motsaneng o mong wa e phuleng ya Ono.” Empa ba ne ba rerile ho ntlhahisa kotsi.
Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang.