Ka baka lena, o ne a hirilwe hore a ntshose, mme ke etse kamoo a buang kateng, ke tle ke etse sebe, ba tle ba ntshenye lebitso.
Nehemia 6:19 - BIBELE Ba ba ba mpolella mesebetsi ya Tobiya e metle, mme ba mmolella le dipolelo tsa ka. Tobiya a nna a nngolla, ho leka ho ntshosa. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ba ne ba mmolela ka taba tse ntle pela ka; ba ne ba mo sebela dipolelo tsa ka; mme Tobia o ne a romela mangolo ho ntshabisa. |
Ka baka lena, o ne a hirilwe hore a ntshose, mme ke etse kamoo a buang kateng, ke tle ke etse sebe, ba tle ba ntshenye lebitso.
Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya.
Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!” Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”
Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi.
Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.
Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.