Bara ba Hananiya ke Pelatiya, le Jeshaya. Jeshaya a tswala Refaya, Refaya a tswala Arenane, Arenane a tswala Obadiya, Obadiya a tswala Shekaniya,
Nehemia 6:18 - BIBELE Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho ne ho le batho ba bangata ba Juda ba neng ba ikopantse le yena ka kano, kahobane e ne e le mokgwenyana wa Shekania, mora Arake; mme mora hae Johanane o ne a nyetse moradi wa Meshullame, mora Berekia. |
Bara ba Hananiya ke Pelatiya, le Jeshaya. Jeshaya a tswala Refaya, Refaya a tswala Arenane, Arenane a tswala Obadiya, Obadiya a tswala Shekaniya,
Bo-Hananiya, mora wa Shelemiya, le Hanune, mora wa botshelela wa Salafe, ba latela Shemaya, ba tsosa karolo e nngwe ya lerako. Meshulame, mora wa Berekiya, a latela bo-Hananiya, a tsosa lerako moo le tobaneng le kamore ya hae.
Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.
Ho feta mona, mehleng eo mahosana a Juda a ile a ngolla Tobiya mangolo a mangata, le mangolo a Tobiya a fihla ho mahosana ao.
Ba ba ba mpolella mesebetsi ya Tobiya e metle, mme ba mmolella le dipolelo tsa ka. Tobiya a nna a nngolla, ho leka ho ntshosa.