Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 3:30 - BIBELE

30 Bo-Hananiya, mora wa Shelemiya, le Hanune, mora wa botshelela wa Salafe, ba latela Shemaya, ba tsosa karolo e nngwe ya lerako. Meshulame, mora wa Berekiya, a latela bo-Hananiya, a tsosa lerako moo le tobaneng le kamore ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Kapele ho eo, Hanania, mora Shelemia, le Hanune, mora wa botshelela wa Tsalafe, ba lokisa sekoto se seng. Kapele ho bona, Meshullame, mora Berekia, a lokisa maloka le kamore ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 3:30
5 Referencias Cruzadas  

Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona.


Sadoke, mora wa Imere, a latela baprista, a tsosa lerako le tobaneng le ntlo ya hae. Shemaya, mora wa Shekaniya, molebedi wa Monyako o ka Botjhabela, a latela Sadoke, a tsosa lerako.


Malakiya, e mong wa malala a kgauta, a latela Meshulame, a tsosa lerako ho ya fihla tlung ya basebeletsi ba Tempele, le ho ya fihla tlung ya bahwebi, moo le tobaneng le Monyako wa Balebedi, le ho ya fihla pela kamore e kahodimo ho huku ya lerako.


Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.


Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos