Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.
Nehemia 4:11 - BIBELE Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi. |
Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.
Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”
E ile yare ha Bajuda ba neng ba ahile pela bona ba fihla, ba bua le rona ka makgetlo a leshome, ba re: “Ba tla re futuhela ba etswa dibakeng tsohle.”
Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.
Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.
Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”
Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.