Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:10 - BIBELE

10 Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:10
10 Referencias Cruzadas  

Ba dikete tse mashome a supileng a ba abela ho jara thoto; ba dikete tse mashome a robedi a ba abela ho thua majwe thabeng, mme ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng bona a ba abela ho hlokomela batho ba sebetsang.


ba ne ba hlokomela ba thothang thepa, ba okametse le ba etsang mesebetsi yohle. Balevi ba bang e ne e le bangodi, le baboloki ba dibuka, le balebedi ba menyako.


Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”


Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”


Ka baka la bona ra rapela Modimo wa rona, ra lebela motsheare le bosiu.


“Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: ‘Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle!’ ”


Empa banna ba neng ba ile le yena ba re: “Re tla sitwa ho nyoloha ho ya lwantsha setjhaba seo, hobane se matla ho re feta.”


Ba ne ba nyolohe ho ya fihla Kgohlong ya Eshekole, mme ha ba bona naha eo, ba nyahamisa dipelo tsa bana ba Iseraele hore ba kene naheng eo Morena a ba neileng yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos