Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:11 - BIBELE

11 Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:11
10 Referencias Cruzadas  

Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.


Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”


E ile yare ha Bajuda ba neng ba ahile pela bona ba fihla, ba bua le rona ka makgetlo a leshome, ba re: “Ba tla re futuhela ba etswa dibakeng tsohle.”


Ka baka la bona ra rapela Modimo wa rona, ra lebela motsheare le bosiu.


Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe.


Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.


Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.


Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos