La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 3:31 - BIBELE

Malakiya, e mong wa malala a kgauta, a latela Meshulame, a tsosa lerako ho ya fihla tlung ya basebeletsi ba Tempele, le ho ya fihla tlung ya bahwebi, moo le tobaneng le Monyako wa Balebedi, le ho ya fihla pela kamore e kahodimo ho huku ya lerako.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Kapele ho eo, Malkija, setei sa kgauta, a lokisa ho ya fihla matlung a Banethinime le a bahwebi, maloka le monyako wa Hammifkade, le ho ya fihla kamoreng e phahameng ya kou.

Ver Capítulo



Nehemia 3:31
4 Referencias Cruzadas  

Shima mora wa Mikaele, Mikaele mora wa Baaseya, Baaseya mora wa Malakiya,


Bo-Hananiya, mora wa Shelemiya, le Hanune, mora wa botshelela wa Salafe, ba latela Shemaya, ba tsosa karolo e nngwe ya lerako. Meshulame, mora wa Berekiya, a latela bo-Hananiya, a tsosa lerako moo le tobaneng le kamore ya hae.


Pakeng tsa kamore e kahodimo le Monyako wa Dinku, malala a kgauta le bahwebi ba tsosa lerako hona moo.


Usiele, mora wa Harahaya, eo e neng e le e mong wa malala a kgauta, a tsosa lerako a bapile le bo-Melatiya. Hananiya, e mong wa ba etsang ditlolo tse monko o monate, a bapa le Usiele, ba tsosa lerako la Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Phatlaletseng.