Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa.
Nehemia 3:19 - BIBELE Esere, mora wa Jeshua, mmusi wa Misepa, a latela Bafai, a tsosa karolo e nngwe, e tobaneng le moepa o nyolohelang tlung ya dihlomo, e hukung ya lerako. Sesotho 1909/1961 (SO) Mabapa le eo, ha lokisa Esere, mora Joshua, monga Mitspe, a lokisa koto se seng sa lerako, a qala mabapa le moepa wa ntlo ya dihlomo koung ya lerako. |
Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa.
Balevi bona e ne e le bo-Jeshua, mora wa Asaneya, le Binui, e mong wa bara ba Henadade, le Kademiele,
Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.
Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.
Bana babo bona ba ba latela. Bafai, mora wa Henadade, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, le yena a tsosa lerako.
Binui, mora wa Henadade, a latela Asariya, a tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha tlung ya Asariya, ho ya fihla hukung ya lerako.