Nehemia 3:10 - BIBELE Jedaya, mora wa Harumafa, a bapa le Refaya, a tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya hae. Hatushe, mora wa Hashabeniya, a le tsosa a bapile le Jedaya. Sesotho 1909/1961 (SO) Mabapa le bona, ha lokisa Jedaia, mora Harumafe; hape, a lokisa le maloka le ntlo ya hae; mabapa le yena, ha lokisa Hattushe, mora Hashabnia. |
Malakiya, mora wa Harime, le Hashube, mora wa Pahate-Moabe, bona ba tsosa karolo ya bobedi ya lerako, hammoho le Tora ya Dibopi.
Bo-Benjamine le Hashube ba latela baprista, ba tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya bona teng. Asariya, mora wa Maasiya, setloholo sa Ananiya, a latela bo-Benjamine, a tsosa lerako le pela ntlo ya hae.
Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya.
Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!