Bara ba Eleunai ba ne ba supile, e le Hodafiya, le Eleashibe, le Pelaya, le Akube, le Johanane, le Delaya, le Anani.
Nehemia 13:7 - BIBELE Ha ke fihla Jerusalema, ka elellwa bokgopo boo Eleashibe a ileng a bo etsa, ka ho lokisetsa Tobiya kamore mabaleng a Tempele ya Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo. |
Bara ba Eleunai ba ne ba supile, e le Hodafiya, le Eleashibe, le Pelaya, le Akube, le Johanane, le Delaya, le Anani.
Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.
Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,
O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista.
Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao.