Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.”
Nehemia 13:29 - BIBELE Ka boela ka re: “Ako ba hopole, Modimo wa ka, hobane ba hlompholotse boprista, le selekane sa boprista, le sa Balevi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Oho, Modimo wa ka, o ba elellwe hobane ba silafaditse baprista le selekane sa boprista le sa Balevi! |
Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.”
A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.’ ”
Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang.’ ”
O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela.
Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.