Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.
Nehemia 13:26 - BIBELE Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke re, ke ka tse jwalo Salomone, morena wa Iseraele, a kileng a sitwa? Hara ditjhaba tse ngata, ho ne ho se morena ya kang yena; hape o ne a ratwa ke Modimo wa hae, mme Modimo o ne o mo entse morena wa Baiseraele bohle; empa leha ho le jwalo, basadi ba baditjhaba ba ne ba mo sitise. |
Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.
ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.
Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.
ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”
Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale.
Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.