Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 4:1 - BIBELE

1 Kgosi Solomone e ne e le kgosi ya Iseraele yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Morena Salomone ya eba morena wa Baiseraele bohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 4:1
14 Referencias Cruzadas  

Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.”


Jwale a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”


Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.


Baokamedi ba mesebetsi ya hae e ne e le bana: Asariya, mora wa Sadoke, e ne e le moprista;


Bahlabani bana bohle, ba neng ba ema thekong ya ntwa, ba fihla Heborone ba ikemiseditse ho bea Davida hore e be kgosi ya Iseraele. Le Baiseraele bohle ba ne ba le maikutlo a le mang a hore Davida a bewe, e be kgosi.


Yaba Solomone o kgutlela Jerusalema, a etswa sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, moo a neng a le kapele ho Tente ya Morena, mme a fihla a busa Baiseraele.


Solomone a busa naha yohle ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema.


Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.


Nna, Moruti, ke ne ke le kgosi ya Iseraele, motseng wa Jerusalema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos