Nehemia 12:42 - BIBELE ba ena le bo-Maasiya, le Shemaya, le Eleasare, le Usi, le Jehohanane, le Malakiya, le Elame, le Esere. Dibini tse neng di tsamaiswa ke Jiserahiya tsa bina haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) le Maaseia, le Shemaia, le Eleasare, le Ussi, le Johanane, le Malkija, le Elame, le Esere. Dibini tsa nna tsa bina haholo, di ntse di tsamaiswa ke Jisrahia. |
Bana babo bona, bao e neng e le bahale, ba ne ba le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi. Mookamedi wa bona e ne e le Sabediele, mora wa Hagedoleme.
Baprista bo-Eleakime, le Maasiya, le Miniyamine, le Mmikiya, le Eleunai, le Sekariya, le Hananiya, ba ne ba letsa diterompeta,
Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole!
Tshelang Modimo ka ditlatse, ke yena matla a rona; etsetsang Modimo wa Jakobo mehoo, mo etsetseng mehoo ya thabo.
Tloong, a re etsetseng Morena mehoo, re mo etsetse mehoo ya thabo, lefika le re pholosang re le etsetse ditlatse.