Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 11:14 - BIBELE

14 Bana babo bona, bao e neng e le bahale, ba ne ba le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi. Mookamedi wa bona e ne e le Sabediele, mora wa Hagedoleme.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 le banababo bona, banna ba bahale, ba neng ba etsa lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi; mohlahlobi wa bona e ne e le Sabdiele, mora Gedolime.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 11:14
6 Referencias Cruzadas  

Mora wa hae Shemaya a tswala bara ba neng ba busa lelapa lohle labo bona, hobane e ne e le bahale.


Bana babo bona bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le sekete le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. E ne e le banna ba tsebang ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo.


Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere.


Balevi e ne e le Shemaya ya tswetsweng ke Hashube, Hashube ya tswetsweng ke Asarikama, Asarikama ya tswetsweng ke Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Buni.


Mookamedi wa Balevi Jerusalema, o ne e le Usi, mora wa Bani, Bani ya tswetsweng ka Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmika. Bara ba Asafo, bao e neng e le dibini, ba ne ba okametse tshebeletso ya Tempele ya Modimo.


ba ena le bo-Maasiya, le Shemaya, le Eleasare, le Usi, le Jehohanane, le Malakiya, le Elame, le Esere. Dibini tse neng di tsamaiswa ke Jiserahiya tsa bina haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos