Nehemia 11:13 - BIBELE13 Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 le banababo e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mmedi; le Amashai, mora Asareele, mora Aksai, mora Meshillemothe, mora Immere, Ver Capítulo |
Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya.