La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 11:16 - BIBELE

Bo-Shabetai le Josabada, bao e neng e le dihlooho tsa Balevi, bona ba ne ba laola mesebetsi e etswang kantle ho Tempele.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.

Ver Capítulo



Nehemia 11:16
8 Referencias Cruzadas  

Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang.


Hara ditloholo tsa Isihare, Kenaniya le bara ba hae ba ne ba abetswe mosebetsi wa ho tsamaisa ditaba tsa naha ya Iseraele, e le bangodi le baahlodi.


Ke bo-Jonathane feela, mora wa Asaele, le Jahasiya, mora wa Tikefa, ba neng ba hanyetsa taba ena, mme ba tlatsitswe ke Meshulame le Shabetai wa Molevi.


Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.


Balevi e ne e le Shemaya ya tswetsweng ke Hashube, Hashube ya tswetsweng ke Asarikama, Asarikama ya tswetsweng ke Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Buni.


Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.