Nehemia 11:12 - BIBELE Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya. Sesotho 1909/1961 (SO) hammoho le banababo bona ba neng ba etsa tshebeletso ya ntlo, e le batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a mashome a mabedi a metso e mmedi; le Adaia, mora Jerohame, mora Pelalia, mora Amtsi, mora Sakaria, mora Pashkure, mora Malkija, |
le Seraya, mora wa Hilekiya, Hilekiya ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ka Meraote, Meraote ya tswetsweng ke Ahitube, Ahitube eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo.
Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere.