Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena.
Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo.
Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.
Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.
Ka mokgwa o jwalo ka ba hlwekisa ka ho ba lahlisa mekgwa yohle ya baditjhaba, ka ba abela mesebetsi ya bona ya boprista le ya Balevi, e mong le e mong a ba mosebetsing wa hae.
Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.” Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse.