Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo.
Nehemia 1:8 - BIBELE “Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: ‘Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba. Sesotho 1909/1961 (SO) Elellwa hle lentswe leo o kileng wa le laela mohlanka wa hao Moshe, wa re: Etlare ha le ikgantsha, ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba! |
Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo.
Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao.
Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.
“ ‘Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba.
Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe.