Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 1:9 - BIBELE

9 Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 empa ha le sokolohela ho nna, le boloka melao ya ka, le e etsa, esita leha le be le leleketswe pheletsong ya mahodimo, ke tla le bokella teng, ke le busetse nqalong eo ke e kgethileng ho bea lebitso la ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 1:9
28 Referencias Cruzadas  

mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle ha ba ntse ba le naheng eo ya dira tsa bona, tse ileng tsa ba etsa bathopuwa; ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,


Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.


E reng: “Modimo, mopholosi wa rona, ako re pholose; ako re phuthe, ho baditjhaba o re namolele, re tle re lebohe lebitso le halalelang la hao, ho boka wena e be motlotlo wa rona.


Modimo ya kgethileng Jerusalema hore a kgumamellwe teng, a ke a timetse dikgosi tsohle, le ditjhaba tsohle, tse tla kenya letsoho ho fetola kapa ho senya Tempele ena ya Modimo, e Jerusalema. “Ya laelang jwalo ke nna, Dariuse. Taelo ena e phethwe ka ho tlala.”


Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.


a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya.


Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe.


O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe.


Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.


Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.”


Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona.


Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.


“Lona ditjhaba, utlwang lentswe la Morena, le le phatlalatse ho ya fihla mabopong a hole, le re: ‘Ya qhalantseng Baiseraele o tla boela a ba phutha, a ba alose sa modisa a alositse mohlape.’


Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso.


Jwale Morena o bua tjena: “Bonang! Tjhaba se tswang naheng e ka leboya se a tla; tjhaba se matla se tswa pheletsong tsa lefatshe.


“Ka baka lena, ere ho bana ba Iseraele: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bakang, le furalle medingwana ya lona ya bohata, le furalle le mesebetsi ya lona yohle e manyala!


“Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya habo lona.


“ ‘Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha,


Morena wa mabotho o bua tjena: “Bonang! Ke tla lopolla setjhaba sa ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.


O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”


Haeba sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona se le hole haholo ho tloha ho lona, le ka hlaba kgomo kapa nku mehlapeng ya lona, eo Morena a le neileng yona, jwalokaha ke le laetse, mme le ka e jella kahara metse ya lona, kamoo le lakatsang kateng.


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


“Ha dintho tsena di se di etsahetse ho lona, e leng ditlhohonolofatso le dithohako tseo ke le baletseng tsona, mme le di nahana ha le le ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le leleketseng ho tsona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos