Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Mattheu 9:5 - BIBELE Hantle ho leng bonolo ke hofe, ha e le ho re: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha, o tsamaye?’ Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na? Baasraak Sotho NT Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye? |
Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”
Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.
Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.