La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 9:33 - BIBELE

Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme ha ho lelekilwe motemona semumu sa bua; bongata ba makala, ba re: Taba e jwalo ha e eso ho ka e bonwa Iseraeleng!

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse hobane modemona o lelekwe, semumu sa bua, mme matshwele a makala, a re: Ha ho eso ho ka ho bonwa jwalo Iseraeleng.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse hobane modemona o lelekwe, semumu sa bua, mme matshwele a makala, a re: Ha ho eso ho ka ho bonwa jwalo Iseraeleng.

Ver Capítulo



Mattheu 9:33
12 Referencias Cruzadas  

Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”


Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.


sehlotsa se tla tlola se tlole jwaloka kgama, leleme la semumu le bine ka thabo. Metsi a tla phorosela hara lefeella, melatswana e phalle hara lehwatata.


O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, le kajeno tsena o ntse o di etsa naheng ya Iseraele le hara ditjhaba tse ding, mme o tumisitse lebitso la hao ho fihlela kajeno.


Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.


Yare ha difofu di tswile, ha tliswa ho Jesu motho wa semumu ya nang le modemona.


Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”


Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala,


Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.”