Mattheu 9:19 - BIBELE Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o a tloha, a ya le yena, le barutuwa ba hae. Baasraak Sotho NT Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae. |
Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”
Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,
Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.