Mattheu 8:28 - BIBELE Hoba Jesu a tshelele mose wane, fatsheng la Bagadara, a kgahlanyetswa ke banna ba babedi ba nang le bademona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo tshabehang; hoo ho neng ho se ya sebete ho feta ka tsela eo. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a fihlile mose wane, naheng ya Bagadarene, a kgahlanyetswa ke batho ba babedi ba nang le batemona, ba tswa mabitleng; e ne e le ba hlanyang hampe, hoo ho neng ho se motho ya ka betang pelo ho feta ka tsela eo. Baasraak Sotho NT Eitse ha a fihla mose wane, naheng ya Bagadara, a kgahlana le ba babedi ba nang le batemona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo feteletseng, hoo ho neng ho se motho ya fetang ka tsela eo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a fihla mose wane, naheng ya Bagadara, a kgahlana le ba babedi ba nang le batemona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo feteletseng, hoo ho neng ho se motho ya fetang ka tsela eo. |
Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?”
kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.
“Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le yang ho yona, hore e ba ya lona, o tla leleka ditjhaba tse ngata, tse kapele ho lona, e leng: Bahete, le Bagirigashe, le Baamore, le Bakanana, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke ditjhaba tse supileng, tse kgolo, tse matla ho le feta.
“Mehleng ya Shamegare mora wa Anate, mehleng ya Jaele ditsela tsa mela mohlwa, batsamai ba hlahlathela ka ditselana.