Mattheu 7:26 - BIBELE Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa etse ka tsona, a ka tshwantshwa ka monna ya lewatla, ya hahileng ntlo ya hae lehlabatheng; Baasraak Sotho NT E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. |
Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe?
“Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, empa ha ya ka ya wa, hobane e ne e theilwe hodima letlapa.
Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”
Empa ya utlwang, a sa phethe, o tshwana le motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo, eo noka e ileng ya e kgahlela, yaba e heleha hanghang, mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.”
“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.