Mattheu 7:23 - BIBELE Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo. Baasraak Sotho NT Jwale ke tla bolela ho bona, ke re: Ha ke eso le tsebe le ka mohla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ke tla bolela ho bona, ke re: Ha ke eso le tsebe le ka mohla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo. |
“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,
Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’
O tla le bolella, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo!’
Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”
Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.