Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?
Mattheu 7:10 - BIBELE Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha? Sesotho 1909/1961 (SO) Kapa ha a kopile hlapi, na a ka mo nea noha na? Baasraak Sotho NT Kapa ha a ka kopa tlhapi, a ka mo nea noha? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kapa ha a ka kopa tlhapi, a ka mo nea noha? |
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?
“Ekaba ke mang ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a mo kopa bohobe, yaba o mo fa lejwe?
Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,
Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.