Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.
Mattheu 6:7 - BIBELE Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo. Baasraak Sotho NT Empa ha le rapela, le se ke la ipheta-pheta, jwaloka baditjhaba; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha le rapela, le se ke la ipheta-pheta, jwaloka baditjhaba; |
Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.
empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.
A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”
A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!”
Tsena tsohle di labalabelwa ke bahedene; athe Ntata lona ya mahodimong o tseba hore le di hloka tsohle.
Empa ha ba lemoha hore ke Mojuda, bohle ba howa ka ntswe le le leng, dihora tse ka bang pedi, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!”