Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape.
Mattheu 6:32 - BIBELE Tsena tsohle di labalabelwa ke bahedene; athe Ntata lona ya mahodimong o tseba hore le di hloka tsohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ntho tseo tsohle ke tse batlwang ke bahetene; empa Ntata lona ya mahodimong o tseba hoba le hloka dintho tseo tsohle. Baasraak Sotho NT Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle. |
Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape.
Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko.
ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.
Na wena o ipatlela tse kgolo? Se ke wa di batla, hobane ke tla dihela koduwa hodima batho bohle, ho rialo Morena, empa wena ke tla o baballela bophelo ba hao hohle moo o yang teng.’ ”
Le se ke la ba etsisa, hobane Ntata lona o sa ntsa tseba tseo le di hlokang, le eso mo kope.
hobane tseo tsohle di labalabelwa ke bahedene ba lefatshe, empa Ntata lona o tseba hore le a di hloka.
Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.
Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.