thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.”
Mattheu 6:18 - BIBELE hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.” Sesotho 1909/1961 (SO) o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa. Baasraak Sotho NT e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa. |
thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.”
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Ka baka leo, leha re ntse re le mmeleng ona kapa re faletse ho wona, re ikitlaeletsa ho mo kgahlisa,
Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,
Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle,