Mattheu 5:45 - BIBELE hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Sesotho 1909/1961 (SO) le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo. Baasraak Sotho NT Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. |
Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: ‘A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.’
Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.
Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”
e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,
Mang le mang ya tswetsweng ke Modimo, ha a sa etsa sebe, hobane bophelo ba Modimo bo ka ho yena. A ke ke a hlola a etsa sebe, hobane o tswetswe ke Modimo.