Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.”
Mattheu 5:44 - BIBELE Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang, Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang; Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle; |
Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.”
Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
“Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.
Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”
Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.
Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:
Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe.