Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:44 - Baasraak Sotho NT

44 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

44 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:44
21 Referencias Cruzadas  

Jesu a re: Ntate, ba tshwarele; hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae, mme ba lahla lotho.


Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.


Empa Pauluse a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ikgobatsa, hobane re teng kaofela.


A kgumama, a howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena. Eitse hobane a bue jwalo, a ithoballa.


Hlohonolofatsang ba le hlorisang; hlohonolofatsang, le se ke la rohaka.


Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang; empa kamehla le latele se molemo, hammoho le ho batho bohle.


Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;


le se ke la busetsa bobe ka bobe, le mahlapa ka nyefolo; le ntse le tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue lehlohonolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos