Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.
Mattheu 5:37 - BIBELE Ha le re ‘e’, le re ‘e’; ha le re ‘tjhe’, le re ‘tjhe’; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa puo ya lona e be e, e, tjhe, tjhe; se eketswang se tswa ho e mobe. Baasraak Sotho NT Empa polelo ya lona e ke e be E, E; Nnyaa, nnyaa, gonne se se fetang tseno se tswa mo go yo o bosula. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa polelo ya lona e ke e be E, E; Nnyaa, nnyaa, gonne se se fetang tseno se tswa mo go yo o bosula. |
Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.
Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe.
hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.
leha e le ka hlooho ya hao, kahobane o sitwa ho sweufatsa kapa ho ntshofatsa qoba leha e le nngwe ya moriri.
o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’
Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.
Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.
Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.
Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.
Lona bo-ntate, ke le ngolla hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngolla hobane le hlotse E Mobe.
Re se ke ra tshwana le Kaine, eo e neng e le wa E Mobe, mme a bolaya ngwanabo. O ne a mmolaelang? Ke hobane diketso tsa hae di ne di le mpe, empa tsa ngwanabo di ne di lokile.
Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.