Mattheu 5:19 - BIBELE Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, mang le mang ya tlolang o mong wa melao ena e menyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, mang le mang ya tlolang o mong wa melao ena e menyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo; |
Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.
“Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.
Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona,
le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”
hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
“Empa le madimabe, Bafarisi, hobane le ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome ya kwena, le lengana, le ya moroho o mong le o mong, athe le tlohela toka le lerato la Modimo. Empa eka kgona ho etswe tsena ho sa tlohelwe tsane.
a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
Theofile ya kgabane, bukeng ya ka ya pele ke ngotse tsohle tseo Jesu a ileng a di etsa le ho di ruta ho tloha qalong,
Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.
Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!
“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”
“ ‘Ho rohakehe ya sa phethahatseng dipallo tsa molao ona ka ho di etsa!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’ ”
Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.
Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.
Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.
“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.