Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.
Mattheu 5:17 - BIBELE “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; ha ke a tla ho fedisa, ke mpa ke tlile ho phetha. Baasraak Sotho NT Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; |
Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.
Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.
Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”
Ho bonolo hore lehodimo le lefatshe di fele, ho ena le hore letshwaonyana leha le ka ba leng la Molao le hloke matla.
ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.”
Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”
Ba hlahisa dipaki tsa bohata, tse reng: “Motho enwa ha a phetse ho bua dipolelo tse lwantshang Nqalo ena e halalelang le Molao.
Hona ho entse hore se batlwang ke Molao se tle se phethwe ke rona ba laolwang ke Moya, e seng ke botho.