Mattheu 4:9 - BIBELE a re ho yena: “Tsena tsohle ke tla o fa tsona ha o ka itihela fatshe, wa nkgumamela.” Sesotho 1909/1961 (SO) a re ho yena: Ntho tseo kaofela ke tla o nea tsona, ha o ka wa ka mangwele, wa nkgumamela. Baasraak Sotho NT A re ho yena: Tsohle tseo ke tla o nea tsona, ha o ka itihela fatshe, wa kgumama pela ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho yena: Tsohle tseo ke tla o nea tsona, ha o ka itihela fatshe, wa kgumama pela ka. |
O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”
o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.
Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,
e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi.
Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”
Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”