La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 4:22 - BIBELE

Hanghang ba tlohela sekepe le ntata bona, ba latela Jesu.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba hang ba tlohela sekapana le ntata bona, ba latela Jesu.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ba phakisa ba tlohela sekepana le ntata bona, ba mo latela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ba phakisa ba tlohela sekepana le ntata bona, ba mo latela.

Ver Capítulo



Mattheu 4:22
10 Referencias Cruzadas  

“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.


Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao.


“Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”


Hoba ba hulele dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, mme ba mo latela.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.