Mattheu 28:16 - BIBELE Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho ya ho yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo ba e laetsweng ke Jesu. Baasraak Sotho NT Jwale barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galilea, thabeng eo Jesu a ba laetseng yona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galilea, thabeng eo Jesu a ba laetseng yona. |
Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”
Le phakise le yo bolella barutuwa ba hae, le re: ‘O tsohile bafung, mme o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng.’ Jwale ke le boleletse.”
ba neng ba latela Jesu ba ntse ba mo sebeletsa ha a le Galelea, le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse le yena Jerusalema.
Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: ‘O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!’ ”
Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!”
Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa.