Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:32 - BIBELE

32 “Empa ha ke se ke tsohile bafung ke tla le etella pele ho ya Galelea.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:32
13 Referencias Cruzadas  

Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”


Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.”


Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”


Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho ya ho yona.


“Empa ha ke se ke tsohile bafung, ke tla le etella pele ho ya Galelea.”


Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: ‘O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!’ ”


Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos