Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:33 - BIBELE

33 Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:33
15 Referencias Cruzadas  

Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.


Motho ka mong o ithorisa ka molemo wa hae, ya tshepahalang yena a ka fumanwa ke mang?


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


“Empa ha ke se ke tsohile bafung ke tla le etella pele ho ya Galelea.”


Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.”


Petrose a re ho yena: “Leha bohle ba ka kweneha, nna nke ke!”


Simone a re ho yena: “Morena, ke itokiseditse ho ya le wena tjhankaneng le lefung.”


Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”


Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.


Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos